BIBELE

Dipesalema 91:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ya phelang tshireletsongya Ya Hodimodimo,ya ahileng moritingwa Ya Matla wohle,

2. o re ho Morena:“O setshabelo sa kale qhobosheane ya ka,Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

3. Ke yena ya tla o tshwasollalerabeng la setsomi,le lefung le timetsang la sewa.

4. O tla o kwahela ka masiba a hae,o tshabele tlasa mapheo a hae.Botshepehi ba haeke thebe le thejana:

5. O ke ke wa tshaba ditshosa tsabosiu,kapa metsu e bebang motsheare,

6. leha e le lefu la sewale kgukgunang lefifing,leha e le koduwa e timetsanghara mpa ya motsheare.

7. Batho ba sekete ba ka wa,ba wa lehlakoreng la hao,le ba kete tse leshomeka letsohong la hao le letona;empa wenao ke ke wa hlahelwa ke letho.

8. O tla bona ka mahlo a haoha ba kgopo ba putswa.

9. Kahobane o entse Morenasetshabelo sa hao,mme Ya Hodimodimoo mo entse qhobosheane ya hao,