BIBELE

Dipesalema 90:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Hoseng bo a mela, bo palese;mantsiboya bo a pona, bo omelle.

7. Re fediswa ke kgalefo ya hao,re thothometswa ke bohale ba hao.

8. Makgopo a rona o a a bona,dibe tsa rona tse patehilengwa di bea pontsheng ya hao.

9. Ditshiu tsa rona tsohledi a kgutsufala,di kgutsufatswa ke bohale ba hao,dilemo tsa ronadi feta jwaloka mofehelo.

10. Ditshiu tsa ho phela ha ronake dilemo tse mashome a supileng;ha re phela hantle,di mashome a robedi.Empa bongata ba tsonake ba ditsietsi le mahlomola;di feta kapele, ebe re ile.

11. Ke mang ya ka tsebangmatla a bohale ba hao,le ho tshabeha ha kgalefo ya hao?

12. Kahoo re ruteho bala ditshiu tsa rona,pelo tsa rona di tle di hlalefe.

13. Ako boele o re hopole, Morena!O tla dieha ho fihlela neng?Qenehela bahlanka ba hao.E sa le hoseng,

14. re sitse ka mohau wa hao,re tle re o etsetse ditlatse,re thabe ka matsatsi wohle.

15. Ako re thabiseka matsatsi a lekanangle ao o re hlokofaditseng ka wona,le ka dilemo tse lekanangle tseo re bileng madimabe,ra ba madimabe ka tsona.

16. Ako bonahatse mosebetsi wa haoho bahlanka ba hao,le kganya ya haoho bana ba bona.