BIBELE

Dipesalema 88:8-15 BIBELE (SSO89SO)

8. Kgalefo ya hao e nkimetse,maqhubu wohle a hao a mpupeditse.

9. O suthisitse balekane ba ka,wa ba suthisetsa hole le nna,o mphetotse manyalamahlong a bona;ke hlahletswemoo ke sitwang ho tswa,

10. mahlo a ka a motela ke bohloko.Morena, ke ipiletsa ho wena,ke ipiletsa ho wenaka letsatsi le letsatsi,ke phahamisetsamatsoho a ka ho wena.

11. Na bafu o ka ba etsetsa dimakatso?Na ba shweleng ba ka tsoha,ba o rorisa?

12. Na mohau wa hao o tla bolelwa,o bolelwe ke ba ka mabitleng,botshepehi ba hao bo tla bolelwa,bo bolelwe ke ba leng timelong?

13. Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa,di tsejwe ke ba leng lefifing,le ho loka ha hao ho tsejwe,ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng?

14. Empa nna ke lla ho wena Morena,thapelo ya ka e fihla ho wenae sa le hoseng.

15. Morena, o ntahletseng na?Keng ha o mpatetsesefahleho sa hao?