BIBELE

Dipesalema 88:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. mahlo a ka a motela ke bohloko.Morena, ke ipiletsa ho wena,ke ipiletsa ho wenaka letsatsi le letsatsi,ke phahamisetsamatsoho a ka ho wena.

11. Na bafu o ka ba etsetsa dimakatso?Na ba shweleng ba ka tsoha,ba o rorisa?

12. Na mohau wa hao o tla bolelwa,o bolelwe ke ba ka mabitleng,botshepehi ba hao bo tla bolelwa,bo bolelwe ke ba leng timelong?

13. Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa,di tsejwe ke ba leng lefifing,le ho loka ha hao ho tsejwe,ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng?

14. Empa nna ke lla ho wena Morena,thapelo ya ka e fihla ho wenae sa le hoseng.

15. Morena, o ntahletseng na?Keng ha o mpatetsesefahleho sa hao?

16. Esale ke le madimabe,ke batla ke eshwa,ho tloha botjheng ba ka;ke jere kotlo tsa hao tse tshabehang,ke tsiapane.

17. Kgalefo ya hao ya nkwela hodimo,ka fediswa ke kotlo tsa haotse tshosang;

18. ka matsatsi wohle di mpotapotile,di mpotapotile jwaloka metsi,kaofela ha tsona di nkopetse hare.

19. O suthisitse metswalle ya ka,le bona balekane ba kao ba suthisitse,wa ba suthisetsa hole le nna,lefifi e se e le motswalle wa ka.