BIBELE

Dipesalema 88:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.

2. Morena, wena Modimo,ke wena mopholosi wa ka,ke lla ho wena motsheare le bosiu.

3. Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena,o sekehele sello sa ka tsebe.

4. Moya wa kao teteditswe ke tse bohloko,bophelo ba ka bo dintshing,dintshing tsa Nqalo ya Bafu.

5. Ke se ke balellwahara ba theohelang lebitleng,ke feletswe ke matla ho hang.

6. Ke rapaletse hara bafu,ke jwaloka babolauwaba robetseng ka lebitleng,bao o seng o sa ba hopole,bao o seng o sa ba thuseka letsoho la hao.

7. O ntheoletse botebong ba lebitla,mohohlong o motshomotsho!

8. Kgalefo ya hao e nkimetse,maqhubu wohle a hao a mpupeditse.

9. O suthisitse balekane ba ka,wa ba suthisetsa hole le nna,o mphetotse manyalamahlong a bona;ke hlahletswemoo ke sitwang ho tswa,

10. mahlo a ka a motela ke bohloko.Morena, ke ipiletsa ho wena,ke ipiletsa ho wenaka letsatsi le letsatsi,ke phahamisetsamatsoho a ka ho wena.