BIBELE

Dipesalema 87:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora. Sefela.Motse wa Modimo o theilwehodima thaba e halalelang,

2. Morena o rata dikgoro tsa Sione,ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo.

3. O bolelwa ka tse kgabane,wena motse wa Modimo, ho thwe:

4. “Hara ditjhaba tse ntsebangke bolela tsena:Egepeta le Babilona,Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe;ka tsona ho thwe:<Motho enwa o tswaletswe Sione.> ”

5. Ka Sione ho thwe:“Batho bohle ke bana ba Sione.”Ya Hodimodimoke yena ya e tiisitseng.

6. Ha Morena a bala ditjhaba,o tla ngola, a re:“Le motho enwake ngwana wa Sione.”

7. Dibini le dihoba di re:“Bohle re phela ka ho wena.”