BIBELE

Dipesalema 86:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. Tjhaba tsohle tseo o di bopilengdi tla tla,di itihele maotong a hao Morena,di tlotlise lebitso la hao;

10. hobane o moholo, o etsa dimakatso,ke wena Modimo o inotshi.

11. Nthute tsela ya hao Morena,ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;tataisetsa pelo ya katshabong ya lebitso la hao.

12. Morena, Modimo wa ka,ke tla o boka ka pelo ya ka yohle,ke tlotlise lebitso la haokamehla yohle.

13. Ho nna mohau wa hao o moholo,ke wena ya ntopolotsengbotebong ba Nqalo ya Bafu.

14. Modimo,baikakasi ba ntsohetse matla,sehlopha sa ba sehlohose batla bophelo ba ka,ha ba na taba le wena.

15. Empa wena Morena, o Modimoo na le kutlwelobohloko le mosa,o dieha ho halefa,o tletse mohau le botshepehi.

16. Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele;matlafatsa mohlanka wa hao,o pholose morawa lekgabunyane la hao.

17. Bonahatsa molemo wa hao ho nna,ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong,ha ba bona hore wena Morena,o mothusi wa kale motshedisi wa ka.