BIBELE

Dipesalema 85:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. O ile wa leballa setjhaba sa hao,wa se leballa molato wa sona,wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.

4. O ile wa kokobetsabohale bohle ba hao,wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.

5. Ako boele o re kgutlise, Modimo,wena, mopholosi wa rona,o fedise kgalefo ya hao ho rona.

6. Na o tla nne o re halefele kamehla?Na kgalefo ya haoe ke ke ya kgaotsaho isa melokong e tlang?

7. Na o ke ke wa boela wa re phedisa,setjhaba sa hao se tle se o thabele?

8. Morena, ako re bontshemohau wa hao,mme o re pholose.

9. A nke ke utlweseo Morena Modimo a se bolelang,hobane o tla bolella setjhaba sa haele batshepuwa ba hae tsa kgotso,e le hore ba se ke ba kgutla,ba kgutlela bothotong ba bona.

10. Ruri ho pholosa ha haeho haufi le ba mo tshabang,e le hore tlotla ya haee tle e ahe fatsheng la rona.

11. Mohau le botshepehi di tla kopana,ho loka le kgotso di tla akana.

12. Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng,ho loka ho tla theoha lehodimong.

13. Morena o tla fana ka tse molemo,fatshe la rona le be le tjhai e kgolo.