BIBELE

Dipesalema 85:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Morena, o ile wa kgahlwa,wa kgahlwa ke lefatshe la hao,wa kgutlisa ba leloko la Jakobo,wa ba kgutlisa bothopuweng.

3. O ile wa leballa setjhaba sa hao,wa se leballa molato wa sona,wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.

4. O ile wa kokobetsabohale bohle ba hao,wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.

5. Ako boele o re kgutlise, Modimo,wena, mopholosi wa rona,o fedise kgalefo ya hao ho rona.

6. Na o tla nne o re halefele kamehla?Na kgalefo ya haoe ke ke ya kgaotsaho isa melokong e tlang?

7. Na o ke ke wa boela wa re phedisa,setjhaba sa hao se tle se o thabele?

8. Morena, ako re bontshemohau wa hao,mme o re pholose.