BIBELE

Dipesalema 85:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Morena, o ile wa kgahlwa,wa kgahlwa ke lefatshe la hao,wa kgutlisa ba leloko la Jakobo,wa ba kgutlisa bothopuweng.

3. O ile wa leballa setjhaba sa hao,wa se leballa molato wa sona,wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona.

4. O ile wa kokobetsabohale bohle ba hao,wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.

5. Ako boele o re kgutlise, Modimo,wena, mopholosi wa rona,o fedise kgalefo ya hao ho rona.

6. Na o tla nne o re halefele kamehla?Na kgalefo ya haoe ke ke ya kgaotsaho isa melokong e tlang?

7. Na o ke ke wa boela wa re phedisa,setjhaba sa hao se tle se o thabele?

8. Morena, ako re bontshemohau wa hao,mme o re pholose.

9. A nke ke utlweseo Morena Modimo a se bolelang,hobane o tla bolella setjhaba sa haele batshepuwa ba hae tsa kgotso,e le hore ba se ke ba kgutla,ba kgutlela bothotong ba bona.

10. Ruri ho pholosa ha haeho haufi le ba mo tshabang,e le hore tlotla ya haee tle e ahe fatsheng la rona.