BIBELE

Dipesalema 79:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Theolela kgalefo ya haohodima baditjhaba,baditjhaba bana ba sa o tsebeng,le hodima mebuso ena,mebuso e sa rapeleng lebitso la hao;

7. hobane di metsitse leloko la Jakobo,di fetotse leaho la lona lesupi.

8. O se ke wa re balla melato,melato ya bo-ntata rona,o mpe o re kgahlanyetse kapele,o re kgahlanyetse ka lerato la hao,hobane re nyenyefaditswe haholo.

9. Ako re thuse, Modimo,wena mopholosi wa rona,bitso la hao le tle le tlotliswe;ako re namolele,mme o re tshwarele dibeka baka la lebitso la hao.

10. Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re:“O kae Modimo wa bona?”A re ke re bone ka mahlo a ronaha o phetetsa madia bahlanka ba hao,madi a tsholotsweng ke baditjhaba.

11. Mefehelo ya batshwaruwae ke e finyelle ho wena,ka matla a letsoho la haoako pholose ba ahloletsweng lefu.

12. Morena, bao re ahisaneng le bonao ke o ba buseletse hasupadinyefolo tseoba o nyefotseng ka tsona.

13. Empa rona setjhaba sa hao,mohlape wa makgulo a hao,re tla o boka kamehla,re phetele meloko yohledithoko tsa hao.