BIBELE

Dipesalema 78:64-70 BIBELE (SSO89SO)

64. Baprista ba bonaba bolawa ka sabole,bahlolohadi ba se ke ba bina,ba bina kodi-ya-malla.

65. Jwale Morena a phaphamajwalokaha eka o ne a kgalehile,jwaloka mohale ya neng a tahilwe.

66. A otla dira tsa hae dibonong,tsa hlajwa ke dihlongka ho sa feleng.

67. Yaba o lahla motlotlwane wa Josefa,leloko la Efraimea se ke a le kgetha;

68. empa a kgetha leloko la Juda,thaba ya Sione eo a e ratang.

69. A haha Sehalalelo sa haea se haha jwaloka leaho la lehodimo,jwaloka lefatshe leo a le theileng,a e theetseng mehla yohle.

70. A kgetha Davida, mohlanka wa hae,a mo tlosa masakeng a dinku,