BIBELE

Dipesalema 78:61-72 BIBELE (SSO89SO)

61. Areka ya selekane sa hae a e tlohela,a e tlohella ho haptjwa,areka e bonahatsang tlotla ya haeya wela matsohong a sera.

62. A tlohela tjhaba sa hae,a se tlohella ho bolawa ka sabole,a halefela bao e leng lefa la hae.

63. Mollo wa timetsabahlankana ba bona,barwetsana ba se ke ba binelwa,ba binelwa pina tsa lenyalo.

64. Baprista ba bonaba bolawa ka sabole,bahlolohadi ba se ke ba bina,ba bina kodi-ya-malla.

65. Jwale Morena a phaphamajwalokaha eka o ne a kgalehile,jwaloka mohale ya neng a tahilwe.

66. A otla dira tsa hae dibonong,tsa hlajwa ke dihlongka ho sa feleng.

67. Yaba o lahla motlotlwane wa Josefa,leloko la Efraimea se ke a le kgetha;

68. empa a kgetha leloko la Juda,thaba ya Sione eo a e ratang.

69. A haha Sehalalelo sa haea se haha jwaloka leaho la lehodimo,jwaloka lefatshe leo a le theileng,a e theetseng mehla yohle.

70. A kgetha Davida, mohlanka wa hae,a mo tlosa masakeng a dinku,

71. a mo tlohedisa nku tsa ditswetse,a mo disisa leloko la Jakobo,tjhaba sa hae,Iseraele eo e leng lefa la hae.

72. Davida a ba disa ka peloe se nang kodi,a ba tsamaisa ka letsoho le bohlale.