BIBELE

Dipesalema 78:50-63 BIBELE (SSO89SO)

50. A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae,leha e le ho ba phemisa lefu;a ba bolaya ka lefu la sewa.

51. A bolaya matsibolo wohle a Egepeta,bana ba matswathaka,ba metlotlwane ya Kama.

52. Jwale a kganna tjhaba sa hae,a se kganna jwaloka dinku,a se tsamaisa lehwatateng,a se tsamaisa jwaloka mohlape.

53. A ba etella pele ba sireletsehile,tshabo ba se na yona,dira tsa bonatsa kwahelwa ke lewatle.

54. A ba fihlisa naheng ya hae,naheng e halalelang,le thabeng eo a ikgapetseng yona,a e hapa ka tsoho la hae le letona.

55. A leleka ditjhaba pela bona,a ba sehelamoo e tla ba lefa la bona,a ahisa meloko ya Iseraele,a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.

56. Empa ba leka ModimoYa Hodimodimo,ba mo leka ka ho mo fetohela,ba se ke ba mameladitemoso tsa hae;

57. ba kweneha, ba hloka botshepehi,ba bo hloka jwaloka bo-ntata bona,ba kgutlallajwaloka seqha se sa tiyang.

58. Ba mo phephetsaka ho ikahela dibaka tsa borapedi,ba mmakela lefufaka medimo ya bona,medimo ya bona ya bohata.

59. Ha Modimo a bona hoo, a halefa;a lahla Iseraele ho hang.

60. Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo,e leng tente eo a neng a e hlomile,a e hlomile hara batho.

61. Areka ya selekane sa hae a e tlohela,a e tlohella ho haptjwa,areka e bonahatsang tlotla ya haeya wela matsohong a sera.

62. A tlohela tjhaba sa hae,a se tlohella ho bolawa ka sabole,a halefela bao e leng lefa la hae.

63. Mollo wa timetsabahlankana ba bona,barwetsana ba se ke ba binelwa,ba binelwa pina tsa lenyalo.