BIBELE

Dipesalema 78:36-49 BIBELE (SSO89SO)

36. Ba ne ba ye ba mo qekiseka melomo ya bona,ba mo thetse ka maleme a bona;

37. athe ba ne ba sa tshepahale,ba sa tshepahale ho yena,ba sa tshepahale selekaneng sa hae.

38. Empa yena,ka ho ba utlwela bohloko,a ba tshwarela molato wa bona,a se ke a ba timetsa;ka makgetloa kokobetsa kgalefo ya hae,bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.

39. A hopola hore ke ba nama le madi,ke moya o ikelang,moya o ke keng wa hlola o kgutla.

40. Ke hakae ba ileng ba mo fetohela,ba mo fetohela feelleng,ba mo kgopisa lehwatateng!

41. Ba nna ba leka Modimo kgafetsa,ba utlwisa Ya Halalelang bohloko,Ya Halalelang wa Iseraele!

42. Ba lebala matla a letsoho la hae,le letsatsi leo ka lonaa neng a ba lopolledireng tsa bona,

43. ha a ne a etsadipontsho tsa hae Egepeta,le dimakatso tsa haenaheng ya Sowane.

44. A fetola metsi a dinoka tsa bona,a a fetola madi,le a melatswana ya bona,hore ba sitwe ho nwa.

45. A ba romela diboba tsa ba loma,le dihohwana tsa ba senyetsa.

46. Masimo a bona a a neella seboko,tholwana tsa mosebetsi wa bona,tsa jewa ke ditsie.

47. Morara wa bona a o senya ka sefako,le fate tsa bona tsa feiye ka lebabo.

48. Dikgomo tsa bonaa di bolaya ka sefako,le mehlape ya bona ka letolo.

49. A ba futuhela ka kgalefo e tukang,ka bohale, le makwebeta,le ka matshwenyeho;a ba romela mangeloi a timetsang.