2. Molomong wa ka ho tla tswa maele,ke bolele dilotho tsa boholoholo.
3. Tseo re di utlwileng, ra di tseba,e leng tseo re di phetetsweng,ra di phetelwa ke bo-ntata rona.
4. Ha re na ho di patela bana ba bona,empa re tla phetela moloko o tlangdithoko tsa Morena, le matla a hae,le dimakatso tseo a di entseng.
5. O ile a fa leloko la Jakobo ditemoso,a beela Iseraele Molao;a laela bo-ntata ronaho o tsebisa bana ba bona,
6. hore o tle o tsejweke meloko e tlang,le ke ba tlang ho tswalwa,bona ba tle ba o pheteba o phetele bana ba bona,
7. e le hore le baoba tle ba tshepe Modimo,ba se ke ba lebalamesebetsi ya Modimo,ba mpe ba boloke melao ya hae.
8. Ba se ke ba tshwana le bo-ntata bona,bao e bileng moloko o manganga,moloko wa befetohedi;moloko oo maikutlo a wonaa neng a sa tsepama,moloko oo moya wa wonao sa tshepahaleng ho Modimo.
9. Bana ba Efraime,leha e ne e le ditsebiho fula ka diqha,ba na ba balehamohla letsatsi la ntwa.