1. Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.
2. Modimo o a tsejwa naheng ya Juda,lebitso la hae le leholo Iseraeleng.
3. Motlotlwane wa hae o Salema,leaho la hae le Sione.
4. Ke moo a robileng metsu,metsu e bebang ya seqha,le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa.
5. O kganya hakaakang,o tlotleha hakaakang,ha o kgutla dithabeng tsa tlholo!
6. Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona,tsa robala boroko ba lefu;bahlabani bohleba sitilwe ho itwanela.
7. Yare ha o kgalemela,wena Modimo wa Jakobo,dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha,tsa fetoha diemahale.