BIBELE

Dipesalema 75:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. Ke itse ho baikakasi:<Le se ke la ikakasa,>ho ba kgopo ka re:<Le se ke la kgantsha matla;

6. le se ke la kgantsha matla hakaalo,kapa la bua le sataladitse melala.> ”

7. Kahlolo ha e tswe botjhabela,kapa ha e tswe bophirimela,leha e le lehwatatengkapa dithabeng.

8. Ke Modimo ya ahlolang:O kokobetsa e mong,a phahamise e mong.

9. Ka letsohongMorena o tshwere mohopeo phophomang veinee lomosehileng.O qhatsetsa bohle ba kgopoba lefatshe;ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.

10. Empa nna ke tla mo fapha kamehla,ke roke Modimo wa Jakobo.

11. O tla fedisa matla wohle a ba kgopo,mme ba lokileng ba tla matlafala.