BIBELE

Dipesalema 73:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Ha pelo ya kae ne e utlwile bohloko,mme maikutlo a ka a hlabehile,

22. ka ba lewatla, ka hloka kutlwisiso,ka ba jwaloka phoofolomahlong a hao.

23. Empa leha ho le jwalo,ke na le wena kamehla,o ntshwere ka letsoho le letona.

24. O ntsamaisa ka keletso ya hao,mme qetellongo tla nkamohela ka tlotla.

25. Nka ba le mang lehodimonghaese wena?Ha ke ena le wena,ha ke sa lakatsa letho lefatsheng.

26. Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,Modimo ke lefika la kale kabelo ya ka kamehla.

27. Ha e le ba ikarohantseng le wena,bona ba tla timela;o fedisa bohleba sa tshepahaleng ho wena.

28. Empa ho nna ho ba haufi le Modimo,ke ntho yona e molemo.Ke ikgethetse Morena,Morena wa ka,ho ba setshabelo sa ka,ke tle ke bolelemesebetsi ya hae yohle.