BIBELE

Dipesalema 73:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Ba kgopo ba jwalo;kamehla ba qhwaolla dikobo,ba ikatisetsa maruo.

13. Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka,le ho hlokisa matsoho a ka molato,

14. ha e le moo ke otlwaka matsatsi wohle,ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?

15. Hoja nkile ka re:“Ke tla bua jwaloka bona,”nka be ke kgelohile molokong,molokong wa bana ba hao.

16. Ha ke ntse ke nahanahana,ke nahana hore ke utlwisise tsena,ka fumana e le ntho e thata,

17. ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong,Sehalalelong sa Modimo,mme ke utlwisisaseo qetello ya ba kgopoe tla ba sona.

18. Ruri o ba beile moo ho thellang,wa ba dihela hore ba ye timelong;

19. ba fetoha lesupika ho panya ha ntshi,ba fedile,qetello ya bona ke e tshosang.

20. Morena, jwalokaha toro e fela,e fela ha motho a phaphama,le wena ha o tsohao fedisa seriti sa bona.

21. Ha pelo ya kae ne e utlwile bohloko,mme maikutlo a ka a hlabehile,