BIBELE

Dipesalema 73:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Kahoo setjhaba sa kase ba sala morao,se inyorolla ka metsia mehopeng ya bona.

11. ba re: “Modimo a ka tseba jwang?Na tsebo e tengho Ya Hodimodimo?”

12. Ba kgopo ba jwalo;kamehla ba qhwaolla dikobo,ba ikatisetsa maruo.

13. Ho thusang ho hlwekisa pelo ya ka,le ho hlokisa matsoho a ka molato,

14. ha e le moo ke otlwaka matsatsi wohle,ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?

15. Hoja nkile ka re:“Ke tla bua jwaloka bona,”nka be ke kgelohile molokong,molokong wa bana ba hao.

16. Ha ke ntse ke nahanahana,ke nahana hore ke utlwisise tsena,ka fumana e le ntho e thata,

17. ho fihlela ke ba ke kena Sehalalelong,Sehalalelong sa Modimo,mme ke utlwisisaseo qetello ya ba kgopoe tla ba sona.