BIBELE

Dipesalema 73:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Asafo.Ruri Modimo o molemo ho Iseraele,e, le ho ba pelo di hlwekileng.

2. Empa nna,ke batlile ke kgothometseha,maoto a ka a batlile a thella;

3. hobane ke ne ke honohela baikakasi,ha ke bona katleho ya ba kgopo.

4. Bona ha ba na matshwenyeho,mmele ya bona e shahlile,ba nonne.

5. Ha ba na dikgathatsojwaloka ba bang,mme ha ba otlwejwaloka ba bang.

6. Ka baka leo,boikgohomoso ke sefaha,ke sefaha melaleng ya bona,sehloho ke seaparoseo ba se apereng.

7. Mahlo a bonaa rotolohile ke mafura,ka dipelongba tletse mehopolo ya bowatla.

8. Ba a tlaka, mme ba bua tse mpe,ba sokela batho ka boikgantsho.