BIBELE

Dipesalema 73:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Asafo.Ruri Modimo o molemo ho Iseraele,e, le ho ba pelo di hlwekileng.

2. Empa nna,ke batlile ke kgothometseha,maoto a ka a batlile a thella;

3. hobane ke ne ke honohela baikakasi,ha ke bona katleho ya ba kgopo.

4. Bona ha ba na matshwenyeho,mmele ya bona e shahlile,ba nonne.