BIBELE

Dipesalema 72:4-15 BIBELE (SSO89SO)

4. Bahlophehi hara setjhabaa ba ahlolele,a pholose bana ba mafutsana,a hatakele mohatelli.

5. A ke a phele halelele jwaloka letsatsi,le jwaloka kgwediho isa melokong yohle.

6. A be jwaloka pula a nelang jwang,le jwaloka medupee nwesetsang lefatshe.

7. Ditshiung tsa haeho loka ho ke ho ate,le kgotso e be ngata,ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.

8. A buse ho tloha lewatleng le lengho isa ho le leng,le ho tloha Nokengho isa pheletsong tsa lefatshe.

9. Ba mo lwantshangba ke ba mo kgumamele,dira tsa hae di nyeke lerole.

10. Dikgosi tsa Tarashishele tsa dihlekehlekedi ke di mo nyehelle,dikgosi tsa Sheba le tsa Sebadi mo tlisetse dithelo.

11. Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena,ditjhaba tsohle di mo sebeletse.

12. O tla lopolla mohlokiya llang ho yena,le mohlophehiya hlokang mothusi.

13. Ya fokolang le ya hlokango tla ba utlwela bohloko,a pholose bophelo ba mafutsana.

14. O tla ba lopollaa be lopolle ho ba mamenemene,a ba lopolle le ho ba sehloho,madi a bona e tla ba a bohlokwa,e be a bohlokwa mahlong a hae.

15. A ke a phele!A newe kgauta ya Sheba,a nne a rapellwe ho sa kgaotswe,a nne a bokwe ka matsatsi wohle.