BIBELE

Dipesalema 72:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Solomone.Oho, Modimo,etsa hore kgosi e ahlole,e ke e ahlole ka toka,o nee mora kgosi ho loka ha hao,

2. a tle ahlolele tjhaba sa hao,a se ahlolele ka ho loka,le mafutsana a hao ka toka.

3. Dithaba di ke di tlise kgotso,di e tlisetse setjhaba,le wona marallaa se tlisetse ho loka.

4. Bahlophehi hara setjhabaa ba ahlolele,a pholose bana ba mafutsana,a hatakele mohatelli.

5. A ke a phele halelele jwaloka letsatsi,le jwaloka kgwediho isa melokong yohle.

6. A be jwaloka pula a nelang jwang,le jwaloka medupee nwesetsang lefatshe.

7. Ditshiung tsa haeho loka ho ke ho ate,le kgotso e be ngata,ho fihlela kgwedi e fifalla ruri.

8. A buse ho tloha lewatleng le lengho isa ho le leng,le ho tloha Nokengho isa pheletsong tsa lefatshe.

9. Ba mo lwantshangba ke ba mo kgumamele,dira tsa hae di nyeke lerole.

10. Dikgosi tsa Tarashishele tsa dihlekehlekedi ke di mo nyehelle,dikgosi tsa Sheba le tsa Sebadi mo tlisetse dithelo.

11. Dikgosi tsohle di itihe kapele ho yena,ditjhaba tsohle di mo sebeletse.

12. O tla lopolla mohlokiya llang ho yena,le mohlophehiya hlokang mothusi.

13. Ya fokolang le ya hlokango tla ba utlwela bohloko,a pholose bophelo ba mafutsana.

14. O tla ba lopollaa be lopolle ho ba mamenemene,a ba lopolle le ho ba sehloho,madi a bona e tla ba a bohlokwa,e be a bohlokwa mahlong a hae.

15. A ke a phele!A newe kgauta ya Sheba,a nne a rapellwe ho sa kgaotswe,a nne a bokwe ka matsatsi wohle.

16. Lefatshe le ke le aparelwe ke koro,e ekethehe qhoweng tsa dithaba,tjhai e be jwaloka ya Lebanone;metseng ho tlale batho,ba be jwaloka jwang ba naha,jwang bo tlokomang.

17. Lebitso la hae le se ke la lebalwa,le se ke la lebalwa le ka mohla,le hopolweha letsatsi le ntse le tjhaba.Ditjhaba tsohledi ke di hlohonolofale,di hlohonolofale ka baka la hae,merabe yohlee mmitse ya lehlohonolo.