BIBELE

Dipesalema 71:5-16 BIBELE (SSO89SO)

5. Morena, Morena wa ka,o tshepo ya ka,ke o tshepileho tloha botjheng ba ka.

6. O ntsheheditseho tloha tswalong ya ka,wa ntshireletsaho tloha popelong ya mme;nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.

7. Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata,empa wenao setshabelo sa ka sa nnete.

8. Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,le tlotliso ya hao kamehla.

9. Se ntahle boqhekung ba ka,o se mphuralleha matla a mpheletse;

10. hobane dira tsa ka di bua ka nna,ba ntaletseng ba a nthera,

11. ba re: “Modimo o mo furaletse,mo lelekiseng,le mo tshware,hobane ha ho ya tla mo namolela.”

12. Modimo, se be hole le nna,Modimo wa ka,ako potlakele ho nthusa.

13. Ba ntwantshangba ke ba hlajwe ke dihlong,ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele;ba ntakaletsang bobeba ke ba fetohe sekgobo,ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.

14. Empa nna nke ke ka kgaotsaho o tshepa,ke tla eketsa ho o rorisa.

15. Molomo wa kao tla bolela tsa ho loka,o bolele tsa ho loka ha hao,le tsa ho pholosa ha hao kamehla,le hoja nke ke ka tseba ho di bala.

16. Ke tla bua ka tsa matla a hao,wena Morena, Morena wa ka,ke hopotse batho tsa ho loka ha hao,ho loka hoo e leng ha hao feela.