BIBELE

Dipesalema 71:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Ke tla bua ka tsa matla a hao,wena Morena, Morena wa ka,ke hopotse batho tsa ho loka ha hao,ho loka hoo e leng ha hao feela.

17. Modimo, o nthutilewa nthuta ho tloha botjheng ba ka,mme ho fihlela jwaleke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.

18. Jwale ha ke se ke le leqheku,hlooho e se e le putswa,oho, Modimo, o se ke wa mphuralla,ho fihlela ke senolelameloko yohle e tlangtsa matla a haole tsa bonatla ba hao,

19. le tsa ho loka ha hao,ho fihlang hodimodimo,wena Modimo.O entse tse kgolo, Modimo;ke mang ya tshwanang le wena?

20. Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho,matshwenyeho a mangata,a bohloko,o tla boela o mmatlafatse,o boele o nnyollebotebong ba lefatshe;

21. o nkgodise ho feta pele,o nne o ntshedise hape.

22. Jwale nna ke tla o boka ka seletsa,ka baka la botshepehi ba hao,wena Modimo wa ka;ke o roke ka harepa,wena Ya Halalelang wa Iseraele.

23. Molomo wa ka o tla howa ka thabo,o howe ha ke o roka,le wona moya wa kaoo o o lopolotseng.

24. Leleme la ka le tla bolelatsa ho loka,le bolele tsa ho loka ha hao kamehla,ba ntakaletsang bobe ba tlontlolohe,ba tlontlolohe, ba ferekane.