BIBELE

Dipesalema 71:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ke tshabela ho wena Morena,ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlongka hlajwa ke dihlong le ka mohla.

2. Ako nnamolele ka ho loka ha hao,nnamolele o ntopolle;o ntshekehele tsebe, o mpholose.

3. Eba lehahaleo ke tshabelang ho lona,leo nka tshabelang ho lona kamehla;o se o laetse hore ke pholoswe,wena lefika la kale qhobosheane ya ka.

4. Modimo wa ka, ako nnamolele,o nnamolele matsohong a ya kgopo,diatleng tsa ya sa lokang,tsa ya sehloho.

5. Morena, Morena wa ka,o tshepo ya ka,ke o tshepileho tloha botjheng ba ka.

6. O ntsheheditseho tloha tswalong ya ka,wa ntshireletsaho tloha popelong ya mme;nke ke ka kgaotsa ho o rorisa.

7. Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata,empa wenao setshabelo sa ka sa nnete.

8. Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,le tlotliso ya hao kamehla.

9. Se ntahle boqhekung ba ka,o se mphuralleha matla a mpheletse;

10. hobane dira tsa ka di bua ka nna,ba ntaletseng ba a nthera,

11. ba re: “Modimo o mo furaletse,mo lelekiseng,le mo tshware,hobane ha ho ya tla mo namolela.”

12. Modimo, se be hole le nna,Modimo wa ka,ako potlakele ho nthusa.

13. Ba ntwantshangba ke ba hlajwe ke dihlong,ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele;ba ntakaletsang bobeba ke ba fetohe sekgobo,ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.