BIBELE

Dipesalema 7:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine.

2. Morena Modimo wa ka,ke tshabela ho wena,ke tshabela ho wena, ako mpholose,o nnamoleleho bohle ba ntlhorisang;

3. esere ba mphamola jwaloka tau,ba ntsekolla ho se ya nnamolelang.

4. Morena Modimo wa ka,haeba ke entse tsena:ha ke sebeditse bokgopoka diatla tsa ka,

5. ha ke entse mothusi wa ka hampe,ha ke senyeditse sera sa kaho se lebaka,

6. dira di ke di ntelekise, di ntshware,di ke di nkgatakelle fatshe,di mpolaye, di nkepele leroleng.

7. Thusa, Morena, o ntse o halefile!O tsohele dira tsa ka tse bohale,o di tsohele matla;tsoha Modimo wa ka,wena ya dihang kahlolo.

8. Phutheho ya ditjhabae ke e o bokanele;wena o dule hodimodimo,o e okamele.

9. Morena o ahlola ditjhaba.Nkahlolele, Morena,ho ya ka ho loka ha ka,le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.

10. Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele,mme o tiise ba lokileng,wena ya hlahlobang moya le pelo,wena Modimo ya lokileng.

11. Thebe ya ka ke Modimo,ya pholosang ba pelo di ntle.

12. Modimo ke moahlodi ya lokileng,ya ahlolang kamehla yohle.