BIBELE

Dipesalema 69:5-16 BIBELE (SSO89SO)

5. Ba ntlhoileng ntle ho lebakaba bangata,ba feta qoba tsa moriri wa ka;dira tsa maheleheledi mpheta ka matla,di ntsekisa seo ke sa se utswang.

6. Wena Modimo,o tseba bothoto ba ka,diphoso tsa kaha di a pateha ho wena.

7. Ba o tshepilengba se hlajwe ke dihlong,ka baka la ka,Morena, Morena wa mabotho;ba o batlangba se ke ba ferekana,ka baka la ka,Modimo wa Iseraele.

8. Ke ka baka la haoke jereng sekgobo,fahleho sa kase aparetsweng ke dihlong.

9. Ke fetohile moditjhabaho bana beso,ke se ke le ya sa tsejweng ke bareso

10. Ho tjhesehella ntlo ya hao ho ntjele,dinyefolo tsa ba o nyefolangle nna di nkwetse hodimo.

11. Ha ke itlhokofatsa ka ho itima dijo,hona e ba hoo ke ho nyefolelwang.

12. Ha ke apara tse mahwashe,eba ke fetoha pale ho bona.

13. Ba dulang kgorong tsa motseba bua ka nna,matahwa a qapile dipina ka nna.

14. Ke lebisa thapelo ya kaho wena Morena,ka nako e o kgahlang, Modimo.Ako nkarabeka mohau wa hao o moholo,le ka botshepehi ba haobo pholosang.

15. Nqaholle tebetebeng ya seretse,o nnamolele ho ba ntlhoileng,ke phonyohe kweetseng.

16. Ke se ke ka nkwake morallo wa metsi,ka metswa ke bodiba,ka kometswa ke lebitla.