BIBELE

Dipesalema 69:28-37 BIBELE (SSO89SO)

28. Ba ekeletse bobehodima bobe ba bona,ba se ke ba fumanwa ke wenaba lokile;

29. ba hlakolwe bukeng ya bophelo,ba se ke ba ngolwa le ba lokileng.

30. Ha e le nna ke hlophehile,ke a opelwa;oho, Modimo, mpholose,ke boele ke tsohe.

31. Ke tla rorisa lebitso la Modimoka sefela,ke le phafe ka teboho.

32. Hona ho tla kgahlisa Morenaho feta hlabelo sa dipohwana,sa pohwana tse dinaka,pohwana tse dikgolana.

33. Ba eisehang ba tla bona, ba thabe;lona, ba batlang Modimo,betang dipelo.

34. Morena o utlwa mafutsana,ha a kgese batho ba haeba ditlamong.

35. Mahodimo le lefatshedi ke di mo rorise,le mawatlele tsohle tse sesang ho wona;

36. hobane Modimo o tla pholosa Sione,a tsose metse ya Juda:hore batho ba tle ba ahe ho yona,e be lefa la bona.

37. Ditloholo tsa bahlanka ba haedi tla e ja lefa,ba ratang lebitso la haeba tla phela ho yona.