BIBELE

Dipesalema 69:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. Nkarabe, Morena,hobane mohau wa hao o moholo,o ntadime ho ya ka boholo,boholo ba lerato la hao.

18. O se ke wa pata sefahleho sa hao,wa se patela mohlanka wa hao,o nkarabe kapele,hobane ke matshwenyehong.

19. Atamela ho nna, o mpholose,o ntopolle ka baka la dira tsa ka.

20. Wena o tseba sekgobo sa ka,le dihlong tsa ka,le ho tlontlollwa ha ka;ba ntwantshang o ba tseba kaofela.

21. Sekgobo se hlabile pelo ya ka,ke fedile;ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko,empa ha ke a ka ka e fumana;ka batla batshedisi,ka se ke ka ba fumana.

22. Bakeng sa dijo ba nneile leshokgwa,ha ke nyorilwe ba nnea asene.

23. Eka dijo tsa bonadi ka ba fetohela leraba,mekete ya bona ya mahlabeloya ba fetohela letlowa.

24. Eka mahlo a bona a ka fifala,ba se ke ba bona,matheka a bonaa nonyoloha hoyahoile.

25. Theolela kgalefo ya haohodima bona,mollo wa bohale ba haoo ba fumane.

26. Leaho la bona le ke le fetohe lesupi,ho se be mothometlotlwaneng ya bona.

27. Ba hlorisa eo o seng o mo shapile,ba eketsa bohlokoba eo o mo otlileng.

28. Ba ekeletse bobehodima bobe ba bona,ba se ke ba fumanwa ke wenaba lokile;

29. ba hlakolwe bukeng ya bophelo,ba se ke ba ngolwa le ba lokileng.