3. Ereng ho Modimo:“Mesebetsi ya haoe tshabeha hakaakang!Ka baka la matla a hao a maholo,dira tsa hao di a o qekisa.
4. Lefatshe lohle le a o kgumamela,le a o roka,le roka lebitso la hao.”
5. Tloong, le bohemesebetsi ya Modimo:O a tshabeha diketsong tsa hae,ketsong tsa hae ho bana ba batho.
6. O ile a apola lewatle,ha hlaha mobu o ommeng,batho ba tshela noka ka maoto;ka baka leo, a re mo thabeleng.
7. Ka matla a hae o busa kamehla,mahlo a hae a disa ditjhaba,esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.
8. Bokang Modimo wa rona,lona ditjhaba,utlwahatsang thoriso ya hae.
9. Ke yena ya re fileng bophelo,ya sa kang a tlohela maoto a rona,a a tlohella ho thella.
10. Modimo, o ile wa re hlahloba,wa re hlwekisa sebopingjwaloka silefera;
11. wa re tshwasa ka letlowa,wa re belesa mojaro o boima;
12. wa dumella batho ho re hata melala,ra feta hara mollo le metsi;wa ntano re kgatholla haholo.
13. Ke tla ya tlung ya haoke nkile setjheso,ke o phethele dikano tsa ka,