BIBELE

Dipesalema 66:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. wa re tshwasa ka letlowa,wa re belesa mojaro o boima;

12. wa dumella batho ho re hata melala,ra feta hara mollo le metsi;wa ntano re kgatholla haholo.

13. Ke tla ya tlung ya haoke nkile setjheso,ke o phethele dikano tsa ka,

14. tseo ke di buileng ka molomo wa ka,ka di bolela ke le matshwenyehong.

15. Ke tla o nyehella ka ditjheso,ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng,le ka setjheso sa dipheleu,setjheso se monko o monate,ke o hlabele dipohwana le diphooko.

16. Tloong, le mamele,lona bohle ba tshabang Modimo,ke le pheteleseo a nketseditseng sona.

17. Ke ipileditse ho yenaka molomo wa ka,ka mo phafa ka leleme la ka.

18. Hoja ke ne ke dumella bobepelong ya ka,Morena a ka be a sa nkutlwa,

19. empa Modimo o nkutlwile,o mametse sello sa thapelo ya ka.

20. Ho bokwe Modimo,ya sa kang a lahla thapelo ya ka,ya sa kang a ntima mohau wa hae.