BIBELE

Dipesalema 66:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.Etsetsang Modimo ditlatse,lona ba lefatshe lohle,

2. mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae,le mo roriseka mokgwa o tlotlehang.

3. Ereng ho Modimo:“Mesebetsi ya haoe tshabeha hakaakang!Ka baka la matla a hao a maholo,dira tsa hao di a o qekisa.

4. Lefatshe lohle le a o kgumamela,le a o roka,le roka lebitso la hao.”

5. Tloong, le bohemesebetsi ya Modimo:O a tshabeha diketsong tsa hae,ketsong tsa hae ho bana ba batho.

6. O ile a apola lewatle,ha hlaha mobu o ommeng,batho ba tshela noka ka maoto;ka baka leo, a re mo thabeleng.