BIBELE

Dipesalema 65:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.

2. Modimo, o lokelwa ke thoriso,e o lokela o le Sione;dikano di phethelwa wena,

3. wena ya utlwang thapelo.Batho bohle ba tla tla ho wena,

4. ba tle ka baka la dibe tsa bona.Ha re imetswe ke melato,wena o a re tshwarela.

5. Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng,wa mo amohela,hore a tle a ahe mabaleng a hao.Re tla kgora tse molemotsa Ntlo ya hao,tse halalelang tsa Tempele ya hao.

6. O re arabela ka diketso tse hlollang,diketso tse hlollang tsa toka,wena Modimo, mopholosi wa rona;wena o leng tshepo ya bohleho isa dipheletsong tsa lefatshe,le dihlekehlekeng tse hole.

7. Ka matla a hao o hlomile dithaba,o bontsha bonatla ba hao;

8. o kgutsisa ho tuduana ha mawatle,ho tuduana ha maqhubu a wona,le ho dumaduma ha ditjhaba.

9. Ba ahileng dipheletsong tsa lefatsheba tshaba dipontsho tsa hao;o etsa hore bohle ba howe ka thabo,ho tloha botjhabelaho isa bophirimela.