BIBELE

Dipesalema 64:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Mpate hole le mokgatlo,mokgatlo wa ba etsang bobe,hole le sehlopha sa ba kgopo;

4. ba leotsang maleme a bonaba a leotsa sa disabole,ba hlabang ka mantswe a babang,mantswe a kang metsu.

5. Ba fula ya se nang kodi ba ipatile,ba mo fula ka tsometsoba se na letswalo.

6. Ba tiile morerong wa bona o mobe,ba rera ho tjheha maraba, ba re:“Re tla bonwa ke mang?”

7. Ba rera bokgopo, ba re:“Re lohile mano ka bohlale.”Mehopolo ya motho ke kweetsa,le pelo ya hae ke kweetsa.

8. Empa Modimo o ba fulaka metsu ya hae,o ba hlaba ka ho ba tsometsa.

9. Maleme a bona a a ba timetsa;bohle ba ba bonangba sisinya dihlooho.

10. Jwale bohle ba tla tshaba,ba bolele mosebetsi wa Modimo,ba utlwisise ketso ya hae.

11. Ya lokileng o tla thabela Morena,mme a tshabele ho yena;bohle ba pelo di ntle ba ithorise.