BIBELE

Dipesalema 64:2-11 BIBELE (SSO89SO)

2. Modimo, ako utlwe sello sa ka,sello sa ka sa masisapelo,o sireletse bophelo ba kao bo sireletse ha sera se ntshosa.

3. Mpate hole le mokgatlo,mokgatlo wa ba etsang bobe,hole le sehlopha sa ba kgopo;

4. ba leotsang maleme a bonaba a leotsa sa disabole,ba hlabang ka mantswe a babang,mantswe a kang metsu.

5. Ba fula ya se nang kodi ba ipatile,ba mo fula ka tsometsoba se na letswalo.

6. Ba tiile morerong wa bona o mobe,ba rera ho tjheha maraba, ba re:“Re tla bonwa ke mang?”

7. Ba rera bokgopo, ba re:“Re lohile mano ka bohlale.”Mehopolo ya motho ke kweetsa,le pelo ya hae ke kweetsa.

8. Empa Modimo o ba fulaka metsu ya hae,o ba hlaba ka ho ba tsometsa.

9. Maleme a bona a a ba timetsa;bohle ba ba bonangba sisinya dihlooho.

10. Jwale bohle ba tla tshaba,ba bolele mosebetsi wa Modimo,ba utlwisise ketso ya hae.

11. Ya lokileng o tla thabela Morena,mme a tshabele ho yena;bohle ba pelo di ntle ba ithorise.