1. Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.
2. Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,moya wa ka o o nyoretswe,mmele wa ka o o hlolohetswe,jwaloka naha e omeletseng,e kgathetseng, e hlokang metsi.
3. Ka o tadimao le Sehalalelong sa hao,ka boha matla a hao le tlotla ya hao.
4. Mohau wa hao o molemoho feta bophelo,molomo wa ka o tla o rorisa.
5. Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,ke phahamise matsoho a ka,ke a phahamisetse ho wena.
6. Moya wa ka o tla kgorajwaloka ya jang moko le mafura,molomo wa ka o o roriseo o rorise ka dithoko tsa thabo.
7. Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola,ke o nahana ka dinako tsa bosiu,
8. hobane o mothusi wa ka,ke nyakalla moritingwa mapheo a hao.
9. Moya wa ka o o kgomaretse,tsoho la hao le letonale a ntshehetsa.
10. Ba batlang ho timetsa bophelo ba kaba tla theohelabotebong ba lefatshe;
11. ba tla bolawa ka sabole e bohale,mme ba jewe ke diphiri.
12. Athe kgosi e tla thabela Modimo,bohle ba ikanang ka yenaba tla ithorisa,empa ba leshanoba tla thijwa melomo.