BIBELE

Dipesalema 63:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda.

2. Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,moya wa ka o o nyoretswe,mmele wa ka o o hlolohetswe,jwaloka naha e omeletseng,e kgathetseng, e hlokang metsi.

3. Ka o tadimao le Sehalalelong sa hao,ka boha matla a hao le tlotla ya hao.

4. Mohau wa hao o molemoho feta bophelo,molomo wa ka o tla o rorisa.

5. Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,ke phahamise matsoho a ka,ke a phahamisetse ho wena.

6. Moya wa ka o tla kgorajwaloka ya jang moko le mafura,molomo wa ka o o roriseo o rorise ka dithoko tsa thabo.

7. Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola,ke o nahana ka dinako tsa bosiu,

8. hobane o mothusi wa ka,ke nyakalla moritingwa mapheo a hao.

9. Moya wa ka o o kgomaretse,tsoho la hao le letonale a ntshehetsa.

10. Ba batlang ho timetsa bophelo ba kaba tla theohelabotebong ba lefatshe;

11. ba tla bolawa ka sabole e bohale,mme ba jewe ke diphiri.