BIBELE

Dipesalema 60:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Gileade ke ya ka,le Manase ke ya ka,Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,Juda yena ke lere la ka la puso.

10. Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa,leo ke itlhatswetsang ho lona,Edomo yona ke tla e hapa,Filesitiya tengke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”

11. Ke mang ya tla nkisa motseng,motseng wa diqhobosheane?Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,

12. ha e le moo wena, Modimo,o re lahlile,o se o sa tswe le mabotho a rona?

13. Ako re thusetse direng tsa rona,hobane thuso ya motho ke lefeela.

14. Ka thuso ya Modimore tla lwana senna,ke yena ya tla hatakela dira tsa rona.