BIBELE

Dipesalema 60:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. O bontshitse tjhaba sa hao bothata,O re nwesitse jwalabo re tsekedisang.

6. O mokgele ho ba o tshabang,hore ba phonyohe metsu ya sera,

7. baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.Re pholoseka letsoho la hao le letona,re pholose, o be o re utlwe.

8. Modimo o builea le Sehalalelong sa hae,o buile a le ho sona, a re:“Ke nyakaletse,ke tla arola Shekeme,ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.

9. Gileade ke ya ka,le Manase ke ya ka,Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,Juda yena ke lere la ka la puso.

10. Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa,leo ke itlhatswetsang ho lona,Edomo yona ke tla e hapa,Filesitiya tengke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”

11. Ke mang ya tla nkisa motseng,motseng wa diqhobosheane?Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,