BIBELE

Dipesalema 60:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.

2. Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.

3. Modimo, o re lahlile, o re ripitlile;o ne o halefile,empa jwale ako kgutle,o kgutlele ho rona.

4. O reketlisitse lefatshe, wa le petsola;ako thibe mapatso a lona,hobane le a qhehemana.

5. O bontshitse tjhaba sa hao bothata,O re nwesitse jwalabo re tsekedisang.

6. O mokgele ho ba o tshabang,hore ba phonyohe metsu ya sera,