BIBELE

Dipesalema 59:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Saule a neng a rometse batho ho lebela ntlo ya Davida le ho mmolaya.

2. Modimo wa ka,ako nnamolele direng tsa ka,o ntshireletseho ba ntsohetseng matla.

3. Ako nnamoleleho ba etsang tse kgopo,o mpholoseho ba ratang ho tsholla madi.

4. Ke bao ba matla ba bokane,ba ntaletse,le hoja ke se na molatokapa sebe, Morena.

5. Ba a potlaka, ba itokisetsa nna,le hoja ke sa etsa phoso;tsoha, o nkgahlanyetse,mme o bone.

6. Wena Morena,Modimo wa mabotho,Modimo wa Iseraele,tsoha, o otle baditjhaba bohle,o se ke wa hauhela le ya mong,le ya mong wa mahlabaphiyo ao.

7. Kamehla ba kgutla ka phirimana,ba rore sa dintja,ba solle hara motse.

8. Ke bao ba bebera haholo,ka melomong ya bonaho tswa disabole,mme ba re:“Ke mang ya re utlwang?”

9. Empa wena Morena, o a ba tsheha,o soma baditjhaba bohle.