BIBELE

Dipesalema 56:7-14 BIBELE (SSO89SO)

7. Ba a bokana, ba ipatele nna,ba lalle metsamao ya ka,ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.

8. Na ba ka phonyohaka baka la bokgopo ba bona?Oho, Modimo,ako dihe baditjhaba,o ba dihe ka kgalefo ya hao.

9. O tseba ho lelera ha ka,o kgakeleditse meokgo ya ka,o e kgakeleditse ka lefiswana;na tsee ha di a ngolwabukeng ya hao?

10. Ha ke ipiletsa ho wena,dira tsa ka di tla tjhetjha.Ke a tsebahore Modimo o na le nna.

11. Ke rorisa Modimohobane ke a mo tshepa,ke rorisa Morenahobane ke a mo tshepa.

12. Ke tshepile Modimo,nke ke ka tshaba letho;motho yena a ka nketsang?

13. Modimo, dikano tsa ka ho wenadi ntlamile;ke tla o nyehellaka mahlabelo a teboho,

14. hobane o mpholositse lefung,o phemisitse maoto a ka,wa a phemisa ho kgopjwa,ke tle ke tsamayepontsheng ya Modimo,seding la ba phelang.