BIBELE

Dipesalema 56:4-10 BIBELE (SSO89SO)

4. Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,ke tla tshepa wena.

5. Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,ke tshepa Modimo,nke ke ka tshaba letho;motho yena a ka nketsang?

6. Ba sotha dipuo tsa ka kamehla,merero yohle ya bonae ntswalla bobe.

7. Ba a bokana, ba ipatele nna,ba lalle metsamao ya ka,ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.

8. Na ba ka phonyohaka baka la bokgopo ba bona?Oho, Modimo,ako dihe baditjhaba,o ba dihe ka kgalefo ya hao.

9. O tseba ho lelera ha ka,o kgakeleditse meokgo ya ka,o e kgakeleditse ka lefiswana;na tsee ha di a ngolwabukeng ya hao?

10. Ha ke ipiletsa ho wena,dira tsa ka di tla tjhetjha.Ke a tsebahore Modimo o na le nna.