BIBELE

Dipesalema 55:3-17 BIBELE (SSO89SO)

3. Ako mmamele, o be o nkarabe:Ke tsielehile, ke sisa pelo,ke a fehelwa,

4. ka baka la ho hlodiuwake dira tsa ka,le ka baka la ho hlapaolwake ba kgopo.Ba nneta ka bokgopo,ba ntlhorisa ba halefile.

5. Pelo ya ka e uba habohloko,matswalo a lefu a mpupeditse.

6. Ke kenwe ke letswalo,ke a thothomela,ke aparetswe ke tshabo.

7. Ke bile ka re:“Ke mang ya tla mpha mapheo,mapheo a kang a leeba,ke tle ke fofe, ke yo phomola?”

8. E, nka be ke baleha, ke eya hole,ke ilo iphelela lehwatateng.

9. Ke ne ke tla potlakelaho ya fumana tshireletsomeyeng ya ditsokotsane le ya difefo.

10. Morena, lobokanya mereroya ba kgopo,o ferekanye maleme a bona,hobane nna ke bona sehloho,ke bona le diqabang motseng;

11. di solla hodima marako a motse,di solla teng motsheare le bosiu,bokgopo le bobe di kahara wona.

12. Hara wona ke timelo feela,bomenemene le manodi ke ke tsa sutha mabaleng a wona.

13. Hoja ke sera se ntlhapaolang,ke ne ke tla mamella;hoja ya ntlhoilengke yena ya ikgantshetsang nna,ke ne ke tla ipatela yena.

14. Empa ke wena ya nkentseng jwalo,wena o leng molekane wa Ka,le thaka ka, le motswalle wa ka;

15. wena eore neng re buisana hamonate,re le sehlophengse yang tlung ya Modimo.

16. Lefu le ke le ba kgaoletse,ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu,ba theohele ba ntse ba phela,hobane ba ahisane le bokgopo,mme bo hara bona.

17. Empa nnake tla ipiletsa ho Modimo,mme Morena o tla mpholosa.