BIBELE

Dipesalema 55:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Hoja ke sera se ntlhapaolang,ke ne ke tla mamella;hoja ya ntlhoilengke yena ya ikgantshetsang nna,ke ne ke tla ipatela yena.

14. Empa ke wena ya nkentseng jwalo,wena o leng molekane wa Ka,le thaka ka, le motswalle wa ka;

15. wena eore neng re buisana hamonate,re le sehlophengse yang tlung ya Modimo.

16. Lefu le ke le ba kgaoletse,ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu,ba theohele ba ntse ba phela,hobane ba ahisane le bokgopo,mme bo hara bona.

17. Empa nnake tla ipiletsa ho Modimo,mme Morena o tla mpholosa.

18. Hoseng, motsheare le mantsiboya,ke sisa pelo, ke a fehelwa,mme o utlwa lentswe la ka.

19. O mpholositse ntweng,a mpha kgotso,leha ba mphutuhetsengba ne ba le bangata.

20. Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse,yena eo esaleng a ituletseteroneng ya hae;hobane ha ba sokolohe,ha ba tshabe Modimo.

21. Molekane wa ka o futuhetsemetswalle ya hae,o robile selekane sa hae.

22. Leleme la hae le ne le le monate,empa bora bo ne bo le teng,bo le teng ka pelong ya hae.Mantswe a haea ne a thoba hamonate,empa e ne e le disabole tse hlabang.

23. Rolela morwalo wa hao ho Morena,mme o tla o jarisa;a ke ke a tlohella ya lokilenghore a sisinngwe le ka mohla.

24. Wena Modimo, o tla ba dihela,o tla ba dihela mohohlong wa timelo,batho bao ba ratang ho tsholla madi,ba ratang le ho thetsa;ba ke ke ba phelaleha e le halofo ya ditshiu tsa motho.Empa nna ke tshepile wena.