BIBELE

Dipesalema 55:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. di solla hodima marako a motse,di solla teng motsheare le bosiu,bokgopo le bobe di kahara wona.

12. Hara wona ke timelo feela,bomenemene le manodi ke ke tsa sutha mabaleng a wona.

13. Hoja ke sera se ntlhapaolang,ke ne ke tla mamella;hoja ya ntlhoilengke yena ya ikgantshetsang nna,ke ne ke tla ipatela yena.

14. Empa ke wena ya nkentseng jwalo,wena o leng molekane wa Ka,le thaka ka, le motswalle wa ka;

15. wena eore neng re buisana hamonate,re le sehlophengse yang tlung ya Modimo.

16. Lefu le ke le ba kgaoletse,ba ke ba theohele Nqalong ya Bafu,ba theohele ba ntse ba phela,hobane ba ahisane le bokgopo,mme bo hara bona.