BIBELE

Dipesalema 52:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Modimo o tla o ripitlela ruri,a o hlwibile,a o hotolele ntle ho tente ya hao,a o fediselefatsheng la ba phelang.

8. Ba lokileng ba tla bona tsena,mme ba tshabe;ba tla mo tsheha, ba re:

9. “Bonang mothoya sa etsang Modimo tshabelo sa hae,ya itshepetseng bongataba maruo a hae,ya entseng bokgoposetshabelo sa hae.”

10. Empa nna, ka tlung ya Modimo,ke jwaloka sefate sa mohlwaare,fate se setalana;ke tshepa mohau wa Modimo,ke o tshepa kamehla le mehla.

11. Ke tla o boka kamehlaka seo o se entseng,ke tlotlise bitso la haoke le hara batshepuwa ba hao,hobane wena o molemo.